Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:17
13 Referencias Cruzadas  

Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa.


Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.


Jwaloka lehlwa ha le sa tshwanele lehlabula, leha e le pula mohla kotulo, le yona hlompho ha e lokele lehlanya.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!


Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae!


Yaba Samuele, o re: Phuthelang Baiseraele bohle Mitspe, ke tle ke le rapelle ho Jehova teng.


Taba ena ya mpa ya swabisa Samuele kamoo ba buang, kateng, ba reng: Re beele morena, hore a re ahlolele. Mme Samuele a rapela Jehova.


Jehova a re ho Samuele: Mamela puo ya setjhaba kahohle kamoo se buang le wena kateng; hobane ha ba lahle wena, ba lahlile nna, hore ke se ke ka nna ka ba morena wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos