Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:13
9 Referencias Cruzadas  

Ke o neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa kgalefong ya ka.


Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.


Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!


Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.


Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.


Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos