Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 9:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 9:20
11 Referencias Cruzadas  

Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Hopolang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.


Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.


Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.


Empa ha le hana ho utlwa lentswe la Jehova, ha le ikgantshetsa molomo wa Jehova, letsoho la Jehova le tla fetoha sera ho lona, jwalokaha le kile la iphetola sera ho bontata lona.


Ha a le makgatheng a ho shwa, basadi ba emeng ho yena ba re: Se tshabe, hobane o tswetse moshemane. A mpa a se ke a araba, leha e le ho mo ela hloko.


Leha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho utlwa lentswe la Samuele, sa re: Tjhe, empa re tla ba le morena ya re busang;


ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.


Samuele a araba Saule, a re: Ke nna senohe seo; o ke o nyolohele pela ka nqalong e phahameng; le tla ja le nna kajeno, mme hosasa ke tla o fa tsela; mme tsohle tse ka pelong ya hao ke tla o tsebisa tsona.


Mohlang oo, diesele tsa Kishe, ntata Saule, tsa lahleha. Kishe a re ho Saule, mora hae: Ako ye le e mong wa bahlanka, o yo batla diesele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos