La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona.

Ver Capítulo



1 Samuele 6:5
30 Referencias Cruzadas  

Lona, mefuta ya ditjhaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le matla.


Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, mme le hlahe pela hae; kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang.


ha ba utlwa taelo ya ka, ba nkutlwa hanghang, bara ba baditjhaba ba nqeka;


Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)


O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.


Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Yaba ba etsa jwalo, mme Aarone a otlolla letsoho la hae, a tshwere lere la hae, a otla lerole la lefatshe, la fetoha dinta ho batho, le ho diphoofolo; lerole kaofela la lefatshe la fetoha dinta naheng yohle ya Egepeta.


Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.


Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Otlollela letsoho la hao, le lere la hao melapong le dinokeng le matsheng, mme o nyolle dihohwana di tlale naha ya Egepeta.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Kganya e iswe ho Jehova, dithoko tsa hae di bolelwe dihlekehlekeng.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Ho tseba mang? Mohlomong Modimo o tla re utlwa, o kgutle, o kgutle bohaleng ba kgalefo ya wona, re se ke ra timela.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.


Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.


Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.


Yare e sa iswa, letsoho la Jehova la hlahisa tsietsi e kgolo motseng, a otla banna ba motse ba baholo le ba banyenyane, ba tswa diso.


Le nke areka ya Jehova, le e bee koloing; le bee le ditshwantsho tsa kgauta, tseo le mo ntshetsang tsona ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, keseng le leng, pela areka, mme le e tlohele, e ikele.