Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:24
6 Referencias Cruzadas  

A bolela, mme ha tla dintsintsi le dinta dinaheng tsohle tsa bona.


Wa ba romela menwang e neng e ba qeta, le dihohwana tse neng di ba tshwenya.


Ba di bokella, ba etsa diqubuqubu, lefatshe la ba la nkga.


Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona.


Ke tla bea kgaohanyo dipakeng tsa setjhaba sa ka le sa setjhaba sa hao; pontsho ena e tla hlaha hosasane.


Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos