Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!

Ver Capítulo Copiar




Malakia 2:2
31 Referencias Cruzadas  

Tafole ya bona a e ke e ba fetohele lemena le sefi boiketlong ba bona!


Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Lona, ha le a ka la nkutlwa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngwanabo, e mong le e mong ho motswalle wa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ya lerumo, le ya lefu la sewa, le ya tlala, mme ke le neela ho tsokotseha mebusong yohle ya lefatshe.


Haele ba ntlo ya Iseraele, ba tla hana ho o mamela hobane ba hana ho mamela nna; etswe bohle ba ntlo ya Iseraele e le ba thatafaditseng difahleho, ba sataladitseng dipelo.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.


Mme jwale, taelo ena e tla ho lona, baprista!


Le rohakilwe ka thohako; ke nna eo le mo thetsang, lona setjhaba kaofela!


Ha ba ka ba boya, ba tle ba tlotlise Modimo, haese motho enwa wa mofuta osele?


Yaba Joshua o re ho Akane: Mora ka, nea Jehova, Modimo wa Iseraele, letlotlo, mme o mo rorise; o ntsebise le seo o se entseng, o se ke wa mpatela sona.


E mong ha a bua, a ye ka dipolelo tsa Modimo; e mong ha a sebeletsa ba bang, a etse ka matla a hlahiswang ke Modimo, hore Modimo o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo kganya le borena e leng tsa hae, ka ho sa feleng! Amen.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos