Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.
1 Samuele 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare. BIBELE Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule. |
Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.
Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule; Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.
Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.
Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.
Monna wa Benjamine o ne a le teng, lebitso la hae e le Kishe, mora Abiele, mora Tserore, mora Bakorathe, mora Afia, mora wa Mobenjamine e mong; e ne e le monna ya matla, ya bohale.