Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:20
9 Referencias Cruzadas  

Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;


Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.


Samuele a tsohela hosasa ho ya kopana le Saule; Samuele a tsebiswa, ha thwe: Saule o ile Karmele; bona, o ikemiseditse seemahale sa kgopotso, a ntoo tloha, a feta, a theohela Gilgale.


Saule, le bona, le banna bohle ba Iseraele ba ne ba le thoteng ya Ela, ba lwana le Bafilesta.


Baiseraele le Bafilesta ba hlopholla makgotla ho ya kopanya ntwa.


Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!


Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare.


Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos