Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.
Ha ho le jwalo, Davida a tsohela e sa le hosasa, a siya dinku le modisa, mme a tloha, a ya le seo Jese a mo laetseng sona, a ba a fihla moo diahelo di leng teng, ha makgotla a tswela ho itokisa, mme ho hlabelwa ntwa mokgosi.
Bafilesta ba tla ka makgotla ho lwantsha Baiseraele; Baiseraele ba hlolwa ke Bafilesta, mme makgotleng a bona ha bolawa banna ba batlileng ho ba kete tse nne.