Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.
Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.
Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo.