Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:5 - BIBELE

5 Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:5
10 Referencias Cruzadas  

Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.


Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng.


Ho ne ho ena le monna wa morabe wa Benjamine, lebitso la hae e le Kishe, mora wa Abiele, mora wa Serore, mora wa Bekorate, mora wa Afiya wa morabe wa Benjamine. E ne e le morui.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos