Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:6 - BIBELE

6 Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:6
22 Referencias Cruzadas  

Kanana a itsibola ka Sidone, ya tla ba Hete,


le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Barefaime,


Aborahama a siya mofu wa hae, a ya bua le Bahete, a re:


Ha Esau a ena le dilemo tse mashome a mane a nyala Jehudite, moradi wa Beeri wa Mohete, le Basemate, moradi wa Elone wa Mohete.


Ke mang ya neng a bolaye Abimeleke, mora wa Jerubeshete? Na hase mosadi ya neng a le hodima lerako, ya neng a mmate ka tshilwana, mme Abimeleke a shwella Tebese? Ke hobaneng le ileng la atamela pela lerako hakaalo?’ Jwale wena o tle o re ho yena: ‘Le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.’ ”


Ba diqha, ba le hodima lerako, ba fula bahlanka ba hao, mme ba bang ba bahlanka ba kgosi ba ile ba bolawa; le mohlanka wa hao, Uriya wa Mohete, o bolailwe.”


Davida a romela molaetsa ho Joabe, a re: “Ere Uriya wa Mohete a ke a tle kwano.” Joabe a romela Uriya ho Davida.


Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.


Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.


Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.


Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.


Abishai, ngwanabo Joabe, mora wa Seruya, e ne e le yena mookamedi wa ba bararo bana. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.


le Elefelede, mora wa Ahasebai wa Maaka, le Eliame, mora wa Ahitofele wa Gilo,


le Uriya wa Mohete. Kaofela ba ne ba le mashome a mararo a metso e supileng.


Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame.


Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.


Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos