Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.
Saule a hloma hodima leralla la Hakila, le pela tsela, lehwatateng. Davida o ne a ntse a le lehwatateng, mme a bona hore Saule o ntse a mo setse morao ho ya fihla lehwatateng leo.
Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule.