Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.
Saule a emisa leralleng la Hakila, le mabapa le lefeella, pela tsela. Davida yena o ne a dutse feelleng a bona hobane Saule o tlile ho mo batla feelleng.
Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare.