La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 22:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.

Ver Capítulo

BIBELE

Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.”

Ver Capítulo



1 Samuele 22:3
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.


A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.


Empa ekare ha mohlolohadi e mong a ena le bana, kapa ditloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ya bona, le ho etsa ba ba tswetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho kgahlehang pela Modimo.


Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.


le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki.


Jwale basadi ba ahisaneng le yena ba mo rea lebitso, ba re: Naomi o tswaletswe moshanyana! Ba bitsa lebitso la hae Obede (mooki). Ke yena ntata Jese, ntata Davida.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Hape, ha phuthehela ho yena bohle ba ditsietsing, le bohle ba nang le melato, le bohle ba pelo di ngongorehang, ya eba yena mong a bona, ya batla e eba batho ba makgolo a mane.


Kahoo, a ba tlisa pela morena wa Moabe, ba ahella ho yena ka tshiu tsohle tseo Davida a di dutseng seqhobong.


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.