Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:2
22 Referencias Cruzadas  

A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Eitse hobane Akabe a timele, Bamoabe ba fetohela Baiseraele.


Salmanasare, morena wa Assiria, a mo futuhela, mme Osea ya eba mofo wa hae, a mo ntshetsa le lekgetho.


A hlola le Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.


Moabe ke morifi oo ke hlapelang ho wona; ke tla akgela seeta sa ka hodima Edomo; ke tshele ditlatse tsa thabo ka Filestia.


bara ba ditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.


Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?


Moabe ke morifi oo ke hatlelang ho wona; ke akgela seeta sa ka hodima Edomo; wena, naha ya Bafilesta, phahamisa mehoo ya thabo ka baka la ka.


e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,


Le se ke la mamela Esekiase; hobane morena wa Assiria o re: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.


Kahoo, a ba tlisa pela morena wa Moabe, ba ahella ho yena ka tshiu tsohle tseo Davida a di dutseng seqhobong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos