Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a hlola le Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba, ya neng a re, o tla boela a hape naha e leng ya hae nokeng ya Eufrate.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:3
15 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Basiria, eitse ha ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba phutheha.


Hadadesere a romela ho lata Basiria ba mose wane ho noka, ba tla Helame; Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, e le motsamaisi wa bona.


Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.


Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


le Jigeale, mora Nathane, wa Tsoba, le Banie wa Gade;


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;


Salomone a ntoo futuhela Hamathe pela Tsoba, a o hlola.


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.


Ke tla bea meedi ya hao ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho isa Lewatleng la Bafiliseta, le ho tloha lefeelleng ho isa nokeng; hobane ke tla neela matsohong a lona ba ahileng fatsheng lena, o tle o ba leleke pela hao.


Nqalo e nngwe le e nngwe e tla hatwa ke bohato ba maoto a lona, e tla ba ya lona. Meedi ya lona e tla ba ho tloha feelleng ho isa Lebanone, ho tloha nokeng ya Eufrate ho isa Lewatleng la Bophirimela.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos