Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:4
8 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.


Hape, Salomone a ipokellela makoloi le bakalli, e le makoloi a sekete se le seng se makgolo a mane, le bakalli ba kete tse leshome le metso e mmedi, ba abetsweng metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.


Davida a hapa makoloi a hae a sekete se le seng, le bapalami ba dikete tse supileng, le ba maoto ba dikete tse mashome a mabedi. Davida a kgaola mesifa ya maoto a dipere tsa makoloi kaofela, a ipolokela tsa makoloi a lekgolo feela.


Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


Joshua a etsa ka bona kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; a poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, a tjhesa makoloi a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos