Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:4 - BIBELE

4 Davida a hapa banna ba Hadade-Esere ba dipere ba sekete le makgolo a supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:4
8 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


Solomone a bokella dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi. A ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa le Jerusalema, ho kgosi.


Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos