Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.
Leha ho le jwalo, Joabe le Abishai ba nna ba phallela Abnere; letsatsi la ba dikella ha ba fihla leralleng la Amma, le mabapa le Gia, pela tsela ya lefeella la Gibeone.
Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.
Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.
Kahoo, Bafilesta ba kokobetswa, ba se ke ba hlola ba etla naheng ya Iseraele, mme letsoho la Jehova la eba boima hodima Bafilesta ka ditshiu tsohle tsa Samuele.