Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:1 - BIBELE

1 Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta a ba kokobetsa, a amoha Bafilesta motse o mong wa moreneng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:1
14 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Empa bo-Joabe le Abishai ba nna ba phaladisa Abinere. Letsatsi la ba dikella leralleng la Amma, e lebaneng le Gia e tseleng e yang lehwatateng la Gibeone.


“O nnamoletse meferefereng ya setjhaba, wa nketsa mmusi wa ditjhaba, ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng.


Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.


Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona.


Ke ba thumisa jwaloka lerole, lerole le fefolwang ke moya, ke ba hatakela jwaloka seretse se tseleng.


Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.


Modimo o buile a le Sehalalelong sa hae, o buile a le ho sona, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos