Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:3 - BIBELE

3 Davida a tloha moo; a ya Misepa e Moabe, mme a re ho kgosi ya Moabe: “Ke a o rapela: Ako dumelle ntate le mme hore ba tle mona, ba tlo dula le lona, ho fihlela ke tseba seo Modimo a tla nketsetsa sona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a ntoo tloha teng, a ya Mitspe wa Moabe, a re ho morena wa Moabe: Ntate le mme ba ke ba tle, ba dule le lona, ke be ke tsebe seo Modimo o tla nketsa sona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:3
15 Referencias Cruzadas  

Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.


Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.


Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”


Basadi ba ahisaneng le Naomi ba rea moshanyana lebitso, ba re: “Naomi o tswaletswe mora,” mme ba mo rea lebitso la Obede. Ke yena ntata Jese, ya tswetseng Davida.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


Batho bohle ba ditsietsing, le ba melatong, le ba utlwileng bohloko, ba kgobokanela ho yena, ya eba mookamedi wa bona. Batho bao e ne e ka ba makgolo a mane.


Davida a tlisa ntatae le mmae kapele ho kgosi ya Moabe, ba dula le kgosi eo ka nako yohle eo Davida a neng a ntse a le qhobosheaneng ka yona.


Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos