La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 20:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.

Ver Capítulo

BIBELE

Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”

Ver Capítulo



1 Samuele 20:3
18 Referencias Cruzadas  

Ittai a fetola morena, a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka morena, monga ka, ya utlwang, leha morena, monga ka, a ka ba kae le kae, leha e le ho shweng, leha e le ho pheleng, mohlanka wa hao le yena o tla ba hona teng.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.


Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jeriko. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba ya Jeriko.


Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.


Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.


Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Bophelo ba hao bo tla ba jwaloka ntho e tsukutlehang pela hao; o tla thothomela motshehare le bosiu, o se na tshepo ya ho pholoha.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.


Anna a re: Monghadi, ka moya wa hao o phelang, monga ka, ke nna mosadi yane, ya na beng a eme hona mona pela hao, a rapela Jehova.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Jonathane a re ho yena: Tjhe, ha o ka ke wa shwa le ho leka; bona, ntate a ke ke a etsa letho le leholo, kapa le lenyenyane, a sa ntsebise; ntate a ka mpatela taba e kalo jwang? Tjhe, ha ho jwalo.


Ebile Jonathane o re ho Davida: Mpolelle se lakatswang ke pelo ya hao, mme ke tla o etsetsa sona.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.