Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia ka sephiring, a re: Ka Jehova ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya, leha e le ho o neela matleng a batho ba batlang bophelo ba hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:16
13 Referencias Cruzadas  

lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Ho itswe ke Modimo Jehova, ya entseng mahodimo, ya a phutholotseng, ya anehileng lefatshe le dimela tsa lona; ya neileng batho ba ho lona phefumoloho, le moya ho ba tsamayang teng:


Hobane nke ke ka tseka ka ho sa feleng, le ho halefa ka ho sa yeng kae, hobane pelo ya motho e ne e ka timela pela ka, le yona meya eo ke e entseng.


ke tla ba neela matsohong a bao e leng dira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.


Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.


Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos