Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:17
19 Referencias Cruzadas  

O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.


Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.


Le ke le netafale, hore lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho Iseraele! Le yona ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ke e tiiswe pela hao.


Ha phuthehela ho nna bohle ba thothometswang ke mantswe a Modimo wa Iseraele, ka baka la boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong; mme ka dula fatshe ke tshohile, ya ba ya eba nako ya sehlabelo sa mantsiboya.


Leha ho le jwalo, o na le kgopolo e le nngwe feela; ke mang ya ka o reteletsang? Seo moya wa wona o se ratang, o a se etsa.


Oho boya, Modimo wa makgotla! tadima o le lehodimong, mme o bone, o ele morara ona hloko!


Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.


Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona, mme le tla phela. Le ratelang hoba motse ona o etswe lesupi?


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.


Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle.


Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?


Mme bonang, kganya ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona teng, eka eo ke neng ke e bone kgohlong.


Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos