Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 6:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Hobane batho ba hlapanya ka e moholo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hobane batho ba hlapanya ka e moholo;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:16
12 Referencias Cruzadas  

Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,


Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.


Abrahama a re: Ke tla hlapanya.


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Yaba morena o mema ba Gibeone, a bua le bona. Ba Gibeone e be e se ba bana ba Iseraele, e ne e le ba setseng ba Baamore; Baiseraele ba ne ba ba hlapanyeditse pholoho, Saule a mpa a rata ho ba bolaya, ka ho tjhesehela bana ba Iseraele le Juda.


kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.


Banabeso — ke bua ka mokgwa wa batho — selekane leha e le sa motho, ha se se se tiisitswe, ha ho ya ka se fedisang, leha e le ho se ekeletsa.


Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos