Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.
1 Samuele 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o a fumanehisa, mme o a ruisa, o a kokobetsa, mme o a phahamisa. BIBELE Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa, |
Jehu a tloha, a kena ka tlung, mme moporofeta a mo tshela ka ole hloohong, a re ho yena: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke o tlotsitse ho ba morena wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele.
Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.
Esekiase a rua maruo a maholo, mme botumo ba hae ba eba boholo; a ipokellela matlotlo a silefera le kgauta, le majwe a bohlokwa, le dibano, le dithebe, le mesebetsi yohle e ke lakatswang.
A ikgahela le metse, le ho ipatlela mehlape e mengata ya makgomo le ya manku; hobane Modimo o ne o mo file maruo a maholo haholo.
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.
ka baka la kgalefo ya hao le la bohale ba hao bo tukang. Efela o ile wa ntshwara, wa ntihela fatshe.
Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.
Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.
Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.