Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 ba eisehang a ba hlwesetse hodima ditlhoro, ba bofifing bona a ba tshedise.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:11
15 Referencias Cruzadas  

Leha o ka tsamaya boikokobetsong, o tla ikopela matla a ho itsosa. O boloka motho ya ikokobetsang;


Ha o furalle ba lokileng, empa o ba bea le marena teroneng; o ba dudisa teng kamehla, hore ba phahamiswe.


Mme ha ekaba tseo o neng o di rue pele di bile nyenyane, tsa ho qetella di tla fetisisa haholo.


a tlosa ba lesitsi bomadimabeng ba bona, a ba tsosetsa bana ba bangata ba ka ka mehlape ya dinku.


O tsosa ya madimabe leroleng, o ntsha ya lesitsi thotobolong;


Erekaha a beile lerato la hae ho nna, ke tla mmoloka, ke mmee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.


Mme difate tsohle tse naheng di tla tseba hoba ke nna Jehova ke kokobeditseng sefate se selelele, ke phahamisitseng sefate se kokobetseng, ke omeleditseng sefate se setala, ke medisitseng sefate se omeletseng. Ke nna Jehova ke bolelang hoo, ke bileng ke tla ho etsa.


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!


Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos