Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O etsa merero ya batho ba mano lefeela, hore matsoho a bona a se ke a e phetha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:12
23 Referencias Cruzadas  

Labane a tsebiswa ka tsatsi la boraro hoba Jakobo o thobile.


Empa Uria a robala monyako wa ntlo ya morena, hammoho le bahlanka bohle ba monga hae, a se ke a kena tlung ya hae.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


Monna wa Modimo a romela ho morena wa Iseraele, a re: Bona hore o se ke wa feta bakeng se itseng; hobane Basiria ba ya theohela teng.


Eitse ha dira tsa rona di utlwa hoba taba tsa bona di tsejwa ke rona, kahoo Modimo wa qhala morero wa bona, mme bohle ra boela lerakong, e mong le e mong mosebetsing wa hae.


Empa rona, ra rapela Modimo wa rona, mme ka ho ba tshaba, ra bea balebedi motshehare le bosiu, hore re itshireletse ho bona.


Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;


hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;


hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau?


Ebile moo Petrose a elellwang, a re: Jwale, ke tseba kannete hobane Morena o romile lengeloi la hae, mme o nnamoletse letsohong la Heroda le tebellong yohle ya setjhaba sa Bajuda.


Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos