Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:11 - BIBELE

11 ba eisehang a ba hlwesetse hodima ditlhoro, ba bofifing bona a ba tshedise.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 o dudisa batho ba kokobetseng nqalong tse diphahameng, ba llang ba phahamisetswa katlehong.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:11
15 Referencias Cruzadas  

hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose.


Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle.


Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”


Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape.


O tsosa mofutsana leroleng, a phahamise mohloki thotobolong;


“Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka.


Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.


Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos