Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.
Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.