Serethe sa Elifase, mora Esau, e ne e le Thimna, mme a tswalla Elifase Amaleke. Ke bona bara ba Ada, mosadi wa Esau.
1 Samuele 15:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele. BIBELE Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ” |
Serethe sa Elifase, mora Esau, e ne e le Thimna, mme a tswalla Elifase Amaleke. Ke bona bara ba Ada, mosadi wa Esau.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.
O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.
Jwale, bolayang ba batona kaofela ba hara bana, le bolaye mosadi e mong le e mong ya kileng a tsebana le monna diphateng;
A o kena, a bolaya le morena wa teng, a kena le metse yohle ya teng; ba bolaya batho bohle ba teng ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa; ha a ka a siya motho le a mong; jwalokaha a ne a entse ka Hebrone, a etsa jwalo le ka Debire le ka morena wa teng, jwalokaha a ne a entse le ka Libna le ka morena wa teng.
A nna a etsa ka matla, a hlola le Baamaleke, mme a namolela Baiseraele matsohong a ba ba hlorisang.
Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.
Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.
Le Nobe, motse wa baprista, Saule a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, banna le basadi, le ba batjha, le ba anyang, le dikgomo, le diesele, le dinku; a timetsa tsohle ka bohale ba lerumo.
Davida a hlola fatshe la bona, ho se ke ha pholoha monna leha e le mosadi, a tla le dinku, le dikgomo, le diesele, le dikamele, le diaparo; a kgutla, a tla le tsona ho Akishe.
Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.