Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 24:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Bileame a tadima Baamaleke, mme a porofeta, a re: “Amaleke setjhaba sa pele hara ditjhaba, empa qetellong se tla timella ruri.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 24:20
18 Referencias Cruzadas  

Serethe sa Elifase, mora Esau, e ne e le Thimna, mme a tswalla Elifase Amaleke. Ke bona bara ba Ada, mosadi wa Esau.


Ba qhala masala a Baamaleke a neng a phonyohile, mme ba aha teng ho fihla tsatsing la kajeno.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


A re: Hobane letsoho la Amaleke le ile la phahamela terone ya Jehova, ntwa ya Jehova e tla nne e be teng ho Amaleke kamehla le mehla.


Yaba ho tla Amaleke, a lwana le Iseraele Refidime.


ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona.


Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela.


Metsi a kgaphatseha dinkgong tsa hae; peo ya hae e nontshwa ke metsi a mangata. Morena hae o feta Agage, le mmuso wa hae o a phahama.


Enere Baiseraele ha ba lemile, Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela ba ne ba nyoloha ba futuhile.


A nna a etsa ka matla, a hlola le Baamaleke, mme a namolela Baiseraele matsohong a ba ba hlorisang.


Jehova wa makgotla o re: Ke sa hopotse seo Baamaleke ba neng ba se etse Baiseraele, kamoo ba kileng ba ba thibela kateng, mohla ba tswang Egepeta.


Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.


Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos