Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le Nobe, motse wa baprista, Saule a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, banna le basadi, le ba batjha, le ba anyang, le dikgomo, le diesele, le dinku; a timetsa tsohle ka bohale ba lerumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 A bolaya le baahi ba motse wa Nobe ka sabole, le dikgomo, le ditonki, le dinku.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:19
13 Referencias Cruzadas  

le Anathothe, le Nobe, le Hanania,


Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.


Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.


Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.


Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.


Davida a ya Nobe, ho moprista Akimeleke; Akimeleke a tshoha, ha a teana le Davida, a re ho yena: Ho ya kang ha o le nnotshi, o se na motho le a mong?


Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.


Ebile Doege, Moedomo, ya emeng le bahlanka ba Saule, o re: Ke bone mora Jese a etla Nobe ho Akimeleke, mora Akitube.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos