Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Yaba kgosi ya bona e re ho Doege: “Tloo, o bolaye baprista bana.” Doege wa Moedomo a tla, a bolaya baprista bao. Ka letsatsi leo a bolaya banna ba mashome a robedi a metso e mehlano ba neng ba apere ditipe tse entsweng ka masela a lene.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:18
14 Referencias Cruzadas  

Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.


Baprista ba bona ba dihuwa ke lerumo, mme bahlolohadi ba bona ha ba ka ba lla.


O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;


Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.


Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;


Ka bolotsana ba bona ba thabisa morena, le matona ka mashano a bona.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.


ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?


Haele ya tla sala wa ntlo ya hao, o tla tla, a mo kgumamelle tjhelete le sengwatho sa bohobe, a re: Ako mpee ho o mong wa mesebetsi ya boprista, ke nne ke je sengwathwana sa bohobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos