Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:14
30 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.


e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba.


Ba bang ho bona, ba bara ba Simeone, e le banna ba makgolo a mahlano, ba futuhela thaba ya Seire, ba laotswe ke Pelathia, Nearia, Refaia, le Usiele, bara ba Jishei.


Ba qhala masala a Baamaleke a neng a phonyohile, mme ba aha teng ho fihla tsatsing la kajeno.


re boela re tlola melao ya hao jwang, le ho itswakanya le ditjhaba tseo tse manyala, ka ho nyallana le tsona? Na o ke ke wa re halefela, o be o re timetse, o se ke wa siya le masala, leha e le ya phonyohang na?


Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.


Hola mantswe a ka a ka ngolwa jwale! Hola a ka ngolwa bukeng!


Ditshenyo tsa dira tsa ka di fedile ka ho sa feleng. O sentse metse ya bona, lebitso la bona le fedile hammoho le bona.


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Yaba Joshua o qhala Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba lerumo.


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Jehova a re ho Moshe: Ya ntshitelwang, ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.


Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ngola mantswe wohle ao ke o bolellang wona bukeng e nngwe.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.


Moshe a ngola maeto a bona ho tloha nqalong e nngwe ho isa ho e nngwe ka taelo ya Jehova. Ke ana maeto a bona, kamoo ba tsamaileng kateng:


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Jehova, mohla a o romang, o ne a itse: Eya; baetsadibe bao ba Baamaleke o ba neele anathema, o lwane le bona, o be o ba qete.


Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.


Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos