Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba Joshua o qhala Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba lerumo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:13
9 Referencias Cruzadas  

Empa matsoho a Moshe a kgathala; yaba ba nka lejwe, ba le bea katlasa hae, a dula hodima lona, mme Aarone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka ho le leng, e mong ka ho le leng; matsoho a hae a tiya jwalo ho fihlela letsatsi ha le dikela.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Jehova a neela Lakishe matsohong a Baiseraele; ba o kena ka la bobedi, ba bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, jwalokaha ho ne ho entswe Libna.


Ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, le morena wa teng, le metse yohle ya teng, le batho bohle ba yona; a se ke a siya motho le a mong, jwalokaha a ne a entse Eglone; a o fedisa le batho bohle ba teng.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.


Hobane Joshua, ha a ka a honyetsa letsoho la hae leo a le otlolotseng, le tshwereng lerumo, ho fihlela a timeleditse ruri bohle ba ahileng Ai.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos