Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa Saule le setjhaba ba pholosa Agage, le dinku tse ntle, le dikgomo tse ntle tse nonneng, le dikonyana, le tsohle tse ntle, ba sa rate ho di neela anathema; haele dintho tsohle tse nyatsehang, tse nyenyane, ba di neela anathema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:9
10 Referencias Cruzadas  

Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.


Ben-Hadade a re: Metse eo ntate a e amohileng ntatao ke tla e busa; o tla iketsetsa diterata Damaseka, jwalokaha ntate a ne a iketseditse Samaria. Akabe a re: Ke tla o tlohela o ikele ka baka la selekane sena. Yaba o tlabola selekane le yena, a mo tlohela a ikela.


Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi.


Haele lona, le fele le tshabe dintho tse entsweng anathema, esere mohlomong la nka ntho tse entsweng anathema, la etsa diahelo tsa Iseraele anathema, mme la di senya.


Ka bona hara tse hapilweng seaparo se setle sa Shineare, le dishekele tse makgolo a mabedi tsa silefera, le leleme la kgauta le boima ba dishekele tse mashome a mahlano; yaba ke a di lakatsa, ka di nka, mme o ka bona di patilwe fatshe tenteng ya ka, silefera yona e katlase.


Yaba lentswe la Jehova le tlela Samuele, la re:


Saule a re: Ba di nkile ho Baamaleke, hobane setjhaba se qenehetse dinku le dikgomo tse ntle, e le hore se hlabele Jehova, Modimo wa hao; ho hong re ho neetse anathema.


Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos