1 Samuele 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja. BIBELE Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je. |
ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.
Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.
Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?
Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.
Hape, mmae o ne a mo etsetsa seaparonyana ka dilemo tsohle, a mo tlisetse sona mohla ba tlang le monna wa hae ho hlaba sehlabelo sa selemo se seng le se seng.