Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:8
11 Referencias Cruzadas  

Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.


Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.


ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!


Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.


Hobane Jehova o o lata jwalokaha ho latwa mosadi ya furaletsweng, ya hlomohileng pelo, kapa jwaloka mosadi ya nyetsweng botjheng ba hae, mme a hladilwe; ho rialo Modimo wa hao.


A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.


Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke.


Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.


A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.


Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos