Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 41:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 41:5
28 Referencias Cruzadas  

Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.


Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Banababo ba tsamaya ho ya alosetsa dinku tsa ntata bona Sikeme.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.


Kamora tseo, Roboame a ya Sikeme, hobane Baiseraele bohle ba ne ba bokanetse Sikeme ho mmea morena.


Haele Jeroboame, a aha Sikeme, thabeng ya Efraime, a dula teng. A ntoo tloha, a ya aja Peniele.


A reka thaba ya Samaria ho Semere, ka silefera e talenta tse pedi, a ba a haha thabeng, a bitsa motse oo a o hahileng Samaria ka lebitso la Semere, mong a thaba.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi sa Asa, morena wa Juda, Akabe, mora Omri, a qala ho busa Iseraele. Akabe, mora Omri, a busa Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a le Samaria.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.


Hobane bahlanka ba hao ba rata majwe a Sione, ba utlwela lerole la hae bohloko.


Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,


Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Ka tsatsi la bobedi, ha Gedalia a setse a shwele, ho ntse ho sa tsebe motho,


Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?


Hobane dihlooho tsohle di kutilwe, ditedu tsohle di beotswe; bohle ba phatsitswe matsoho, lesela le mahwashe le mathekeng a bona.


Le mpe le ye leahong la ka le neng le le Silo, moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, mme le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Le bana ba Jehova, Modimo wa lona; le se ke la iphatsa, mme le se ke la ipeola pakeng tsa mahlo ka baka la mofu.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.


Abimeleke, mora Jerubbaale, a ya Sikeme ho bomalomae, mme a bua le bona, a bua hape le bohle ba ntlo ya ntata mmae, a re:


Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos