Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:7 - BIBELE

7 Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:7
7 Referencias Cruzadas  

Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi, masapo a ka a tjha sa patsi mollong.


Ke otlilwe, pelo ya ka e ka jwang bo omeletseng, ke se ke lebala le ho ja.


banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.


Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.


Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”


Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.


Ka selemo se seng le se seng mmae o ne a ye a mo etsetse kojwana, a mo tlisetse yona ha a nyoloha le monna wa hae ho tla nyehela ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos