Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
1 Bakorinthe 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong. BIBELE Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla. Baasraak Sotho NT Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Seo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena a se tsebang; hobane hojane ba se tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa kganya. |
Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.
Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.
Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.
Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate.
Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, ditaba tsa baporofeta tse balwang ka Sabatha e nngwe le e nngwe ba di phethile ka ho mo ahlola.
Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,
Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?
Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, e seng bohlale ba lefatshe lena, le ba marena a lefatshe lena a felang;
Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.
hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;
bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.
nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.
Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.