Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Setefane a re: “Banna ba heso, le lona bo-ntate, mamelang! Modimo ya tlotlehang o ile a iponahatsa ho ntata rona Aborahama ha a sa le Mesopotamia, a eso ahe Kgarane;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 A re: Banna, bana beso, le bontate, mamelang; Modimo wa kganya o iponahaditse ho ntata rona Abrahama, ha a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Harane;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 A re: Banna, bana beso, le bontate, mamelang; Modimo wa kganya o iponahaditse ho ntata rona Abrahama, ha a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Harane;

Ver Capítulo Copiar




Diketso 7:2
29 Referencias Cruzadas  

Tera a nka mora hae Abrame, le setloholo sa hae Lota, mora Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mohatsa Abrame, mora hae; mme ba tswa Ure wa Kalde ho ya lefatsheng la Kanana. Ba fihla Kharane, ba aha teng.


Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.


Abrame a nka Sarai, mosadi wa hae; le Lota, mora moenae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, mme ba tloha ho ya lefatsheng la Kanana, ba ba ba fihla lefatsheng la Kanana.


A ntoo re ho yena: Ke nna Jehova ya o ntshitseng Ure wa Kalde, ke tle ke o fe lefatshe lena, e be lefa la hao.


Yaba Jakobo o re ho bona: Banabeso, le ba kae? Ba re: Re ba Kharane.


Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.


Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.)


Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!


Lentswe la Jehova le duma hodima metsi; Modimo wa kganya o dumisa seaduma sa wona; Jehova o utlwahala hodima metsi a maholo.


Na medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di fedisitseng, Bogosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene ba leng Telasare, na e di namoletse na?


Lebisang mahlo ho Abrahama ntata lona, le ho Sara ya le tswetseng; hobane ke mmitsitse ha a le nnotshi, ka mo hlohonolofatsa, ka mo atisa.


Tsa howeletsana, tsa re: O a halalela, O a halalela, O a halalela, Jehova wa makgotla; lefatshe lohle le tletse kganya ya hae!


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.


Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.


Eitse hobane a bue jwalo, ha hlaha phapang hara bafarisi le basadusi, lekgotla la ba la kgaohana.


Moprista e moholo a re: Na tseo di jwalo na?


e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.


hore Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate wa kganya, o le nee moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya wona;


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.


Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos