1 Bakorinthe 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang. BIBELE Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang. |
A re ho bona: Ha ho le jwalo, na Davida ha a bolediswa ke Moya, o mmitsetsang morena wa hae, ha a re:
Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela; hobane ha ho motho ya ka phakisang a mpolela hampe, ha a entse mohlolo ka lebitso la ka.
Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.
Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.
e reng: Ekare ha o bolela ka molomo wa hao hobane Jesu ke Morena, mme o dumela pelong ya hao hobane Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.
Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;
Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).
leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.
Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.
E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;
Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;
setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.
Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re: