Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke moo ke le tsebisang hoba ha ho motho, ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka bitsang Jesu anathema, mme ha ho e mong ya ka bitsang Jesu Morena, haese ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:3
19 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re:


Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela, hobane ha ho motho ya ka etsang mohlolo ka lebitso la ka, ya ka bang bonolo ho bua hampe ka nna.


Le mpitša Moruti le Morena; gonne ke ntse jalo.


Jwale, ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke le hlatswitse maoto; le lona le tšoanetse ho hlatsoana maoto.


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etsahala. A araba, a re: Ke dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.


Hobane ha o bolela ka molomo wa hao hore Jesu ke Morena, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.


Hobane ke ne nka lakatsa eka nna ke rohakilwe ke tlohile ho Kreste bakeng sa banabeso, bao e leng beso ka nama.


Ekare ha motho a sa rate Morena Jesu Kreste, e be anathema Maranatha.


Empa ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, eo dintho tsohle di tswang ho yena, le rona re ho yena; le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo dintho tsohle di leng ka yena, le rona re ka yena.


Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.


E seng hore re lekane ka borona ho nahana ntho leha e le efe e ka e tswa ho rona; empa ho lekana ha rona ho tswa ho Modimo;


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos