Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:4
12 Referencias Cruzadas  

A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.


Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.


Hola le ka mamella bowatla ba ka hanyenyane! E, le fele le mmamelle!


Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,


Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;


Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos