Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Le a tseba hore le ne le le baditjhaba, mme le isitswe ho ditshwantsho tsena tse dimumu, jwalokaha le ne le hulanngwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le a tseba hore le ne le le baditjhaba, mme le isitswe ho ditshwantsho tsena tse dimumu, jwalokaha le ne le hulanngwa.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 12:2
15 Referencias Cruzadas  

Di na le melomo, mme ha di bue; di na le mahlo, mme ha di bone;


di sitwa ho tshwara ka diatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha di tsamaye, ha ho lentswe le tswang mmetsong wa tsona.


E na le melomo, mme ha e bue; e na le mahlo, mme ha e bone;


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;


Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;


Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos