Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.
1 Bakorinthe 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke le Pauluse, ya bitsitsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste, ka ho rata ha Modimo, ke ena le Sosthene, ngwaneso, BIBELE Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona, Baasraak Sotho NT Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Pauluse, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosthene, ngwanabo rona, |
Ha letsatsi le tjhabile, a bitsa barutuwa ba hae, mme hara bona a ikgethela ba bang ba leshome le metso e mmedi, bao a ba reileng baapostola.
Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.
Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.
Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:
ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;
Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.
Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,
ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.
eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;
hobane ke e monyenyane ho baapostola, mme ha ke a lokela ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:
Empa ke lekanya hoba ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo.
Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.
Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.
Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:
Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso,
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,
boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.
Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste;