Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.

Ver Capítulo Copiar




Baroma 1:5
24 Referencias Cruzadas  

Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


Mme re amohetse bohle mohau hodima mohau, ho tletseng ho yena.


hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


Simone o le phetetse kamoo Modimo o qadileng ho etela ditjhaba kateng, hore o ikgethele hara tsona setjhaba se kgethetsweng la wona.


Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Hobane ka mohau oo ke o neilweng, ke bolella motho e mong le e mong hara lona, hore a se ke a itekanya boholo bo tlodisang moo a tshwanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikgopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ya tumelo eo Modimo o mo abetseng yona.


empa jwale se pepesitswe ke mangolo a baporofeta, mme, ka taelo ya Modimo o sa feleng, se senoletswe ditjhaba tsohle, di tle di finyelle kutlong ya tumelo;


Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


e tle e be thoriso ya kganya ya mohau wa wona oo o re hauhetseng ka wona ho Maratuwa wa wona.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos